5 Morero pelong ya motho e ka koetsa, ya nang le kelello o ya kga teng.
5 Pelong ya motho merero e ka metsi a bodiba, ya nang le kutlwisiso yena o a e fihlela.
Ba qapa tsa bolotsana, ba re: Re itokisitse, mano a lohilwe! Ba pata mehopolo ya dipelo tsa bona.
Dipolelo tsa molomo wa motho di ka kwetsa, mme mohlodi wa bohlale ke noka e phallang.
Sekgoba ha se leme, hoba se hatsetse; mohla ho kotulwang, se a kopa, empa ha ho letho.
Ba ipolelang molemo ba bangata, empa motho ya tshepehang a ka fumanwa ke mang?
Hobane motho ke ofe ya tsebang tsa motho, haese moya wa motho o leng ka ho yena? Ka mokgwa o jwalo, ditaba tsa Modimo ha ho motho ya di tsebang haese Moya wa Modimo.