29 Kganya ya ba batjha ke matla a bona, mokgabo wa maqheku ke moriri o moputswa.
29 Tlotla ya batjha ke matla a bona, moriri o moputswa ke bokgabane ba maqheku.
Tsela ya yona e benya mehlaleng ya yona, ho le jwaloka hoja lewatle e le moriri o moputswa.
Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.
Maqeba a phekola moetsadibe, le tsona dikotlo tse mo kenang le maleng hare.
O eme pela moriri o moputswa, mme o hlomphe ya hodileng. Tshaba Modimo wa hao. Ke nna Jehova.
Bana, ke a le ngolla, kahobane le tseba ntate. Bontate, ke le ngoletse, ka hobane le tseba ya leng teng esale ho qaleng. Ba batjha, ke le ngoletse, kahobane le matla, mme lentswe la Modimo le dutse ho lona, mme le hlotse e mobe.