26 Morena ya bohlale o hlokola baetsadibe, mme o ba pola ka sepolo.
26 Kgosi e bohlale e hlokola ba kgopo, e ba ahlole e se na kutlwelobohloko.
A ntsha le batho ba teng, a laela hore ba bolawe ka disaga le diege tsa tshepe le dilepe tsa tshepe, a ba fetisa le diboping, a etsa jwalo le ka metse yohle ya bana ba Ammone. Davida le setjhaba sohle ba ntoo boela Jerusalema.
Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.
Ha ke re jwale, Boase eo o kileng wa sebetsa le barwetsana ba hae ke wa heso na? Bona, bosiung bona, o ya olosa harese seotlong.