Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:25 - Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Ke leraba ho motho ho kgethela Modimo ntho ka potlako, le ho belaela ha ho se ho annwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

25 Ho abela Morena mpho ka potlako ke leraba ho motho, ebe hamorao o ipelaetsa ka boitlamo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya arabang a eso ho utlwe, o bontsha bothoto ba hae, o ipakela dihlong.


Molomo wa lehlanya ke tshenyeho ya lona, leleme la lona ke sefi ho moya wa lona.


O se ke wa potlakisa molomo wa hao, pelo ya hao e se ke ya akofa ho bua taba pela Modimo; hobane Modimo o mahodimong, athe wena, o lefatsheng; ha ho le jwalo, mantswe a hao a be a se makae;


Ekare ha e mong a etsa ho sa lokang, mme a seba ka ho se tsebe, ka ho fotha ntho ho tse kgethetsweng Jehova, o tla hlahisetsa Jehova sehlabelo sa molato wa hae, e leng pheleu e se nang sekodi ya mohlape wa hae, ka ho ya ka tekanyetso eo o tla e lekanya ka dishekele tsa silefera, e leng ka shekele ya sehalalelo, e be sehlabelo sa molato.


Hape, le utlwile hoba ho boleletswe baholo, ha thwe: O se ke wa kweneha kanong ya hao, o mpe o nee Morena seo o mmaletseng sona ka kano.


Empa ha o sa itlame ka kano, sebe se tla ba siyo ho wena.


Se boletsweng ke melomo ya hao, o se hopole, o se etse kamoo o itlamileng ho Jehova kateng, Modimo wa hao, e be mpho ya boithatelo ba hao, e boletsweng ke melomo ya hao.


Ha o kena tshimong ya wa heno ya morara, o ka ja ditholwana tsa wona kamoo o lakatsang kateng, wa ba wa kgora; empa ha o tloha teng, o se ke wa nka letho serotong sa hao.


Etlare ha bontata bona, kapa kgaitsedi tsa bona, ba tla ho le qosa pela rona, re tla re ho bona: Le ba hauhele bakeng sa rona, hobane ha re a ka ra ba hapela bohle basadi ntweng; haele lona, kamoo le sa kang la ba neela baradi ba lona kateng, ha le na molato.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ