Phetetso e tla ba ya ka, le yona tefetso mohla maoto a bona a thekeselang; hobane letsatsi la tlokotsi ya bona le haufi, mme tse lokiseditsweng bona di a akofa.
le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.
Ka baka leo, ba utlwiswang bohloko ka ho rata ha Modimo, ba bee meya ya bona matsohong a wona, kahobane e le Mmopi ya tshepehang, mme ba nne ba tiisetse ho etsa hantle.
Davida a re ho banna ba hae: E mong le e mong a nke sabole ya hae. E mong le e mong a nka sabole ya hae, le Davida a nka sabole ya hae; ba tloha, ba ya le Davida, e batlile e eba batho ba makgolo a mane, ha sala ba makgolo a mabedi le diphahlo.