Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Lefa ha le le manyala ho qaleng, le ke ke la hlohonolofatswa qetellong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Leruo le bokellwang ka potlako sethathong, qetellong le ke ke la hlohonolofatswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:21
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho e motle o siela ditloholo tsa hae lefa; empa maruo a moetsadibe a tla fuwa motho ya lokileng.


Ya rohakang ntatae le mmae, lebone la hae le tla tima lefifing.


Se re: Ke tla busetsa bobe ka bobe. Tshepa Jehova, ke yena ya tla o boloka.


Ho ipokellela maruo ka leleme le mano, ke bosawana le maraba a lefu.


O se ke wa ikgathatsa ho bokella leruo; tlohela kgopolo ya teng.


Motho ya tshepehang o ruile mahlohonolo; empa ya ratang ho rua kapele a ke ke a hloka molato.


Motho ya mahlo a honohelang o phallela leruo, athe ha a tsebe hoba bofuma bo ya mo wela hodimo.


Ya atisang leruo la hae ka bokgonatha le ka phahello, o bokellela motho ya tla hauhela basenyehi.


ditjhaba tseo kaofela na di ke ke tsa etsa papiso hodima hae, le pina ya sesomo, le dilotho na? Mme ho tla thwe: Ho madimabe ya ipokellelang seo e seng sa hae, ... o tla nne a etse jwalo ho le hokae? ... ya ipelesang ka tse amohilweng!


Ke e ntshitse, ho bolela Jehova wa makgotla, mme e tla kena tlung ya leshodu, le tlung ya ya hlapanyang ka lebitso la ka ka bohata; e tla dula kahara ntlo ya hae, e tle e e fedise, le difate tsa yona, le majwe a yona.


Ha le sa utlwe, le sa hlokomele ho tlotlisa lebitso la ka, ho bolela Jehova wa makgotla, ke tla romela thohako hodima lona, ke rohake dihlohonolofatso tsa lona; e, ke bile ke di rohakile, hobane ha le hlokomele letho.


Empa ba ratang ho rua, ba wela melekong, le lerabeng, le ditakatsong tse ngata, tse sa utlwahaleng, tse senyang, tse tebisetsang batho timelong le tahlehong.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ