Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Merero e tiiswa ke keletsano; ka baka leo, o rere ntwa ka ho nahanisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Rala merero ya hao ka ho batla keletso, ntwa o e lwane o se o fumane keletso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:18
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Tloo jwale, nke ke o eletse, o tle o boloke bophelo ba hao le ba mora hao Salomone.


O re — empa ke mantswe a molomo feela — o re, morero le matla a teng a ho lwana; empa o tshepile mang, ha o mphetohetse?


Setjhaba se dihuwa ke ho hloka dikeletso; poloko e teng ha baeletsi ba le bangata.


Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.


ke ka masene motho a futuhang, moo baeletsi ba leng bangata a ke ke a lesa ho hlola.


O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.


Kapa morena ke ofe, ya futuhelang morena e mong, a ke keng a dula pele, a nahana hore na ka batho ba dikete tse leshome le le leng, a ka ya kgahlanyetsa ya tlang ho mo lwantsha ka dikete tse mashome a mabedi na?


Bohle ha ba bona hoo, ba re: Ho jwalo ha ho eso ho ka ho hlaha, le ho bonwa, haesale bana ba Iseraele ba nyoloha fatsheng la Egepeta, ho fihlela la kajeno. Lemohang taba eo, le rere hammoho, mme le bue.


Bana ba Iseraele ba tloha, ba nyolohela Bethele, ba botsa Modimo, ba re: Ke mang ho rona ya tla etella ba bang pele ho futuhela bana ba Benjamine? Jehova a re: Ho etelle Juda pele.


Bana ba Iseraele ba nyoloha, ba lla pela Jehova, ha ba ha eba mantsiboya, mme ba boela ba botsa Jehova, ba re: Ana re tla boela re lwantshe bana ba Benjamine, banababo rona, na? Jehova a re: Nyolohang ho ya ba lwantsha.


Bonang, le mona kaofela, lona bana ba Iseraele; rerang hammoho, le eletsane.


Hoja ebe tjhaba sena se buswa ke nna, nka be ke lelekisa Abimeleke! Mme a re ho Abimeleke: Bokella makgotla a hao, o tswe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ