Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 20:15 - Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

15 Kgauta e teng le mabenyane a bohlokwa a teng, empa molomo o bolelang tsebo ke lehakwe la bohlokwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 20:15
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!


Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.


Ho rua bohlale ho fetisa ho rua kgauta e hlwekileng hakakang! le ho rua masene ho feta ho rua silefera hakakang!


Ya pelo e hlalefileng o bitswa ya maele, mme molomo wa hae o monate o atisa tsebo.


Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.


E mpe! e mpe! ho bolela moreki; ebe o a ikela, a ntse a ithorisa.


Mo amoheng kobo, etswe a itlamile ho lefela e mong; o mo tlame bakeng sa osele.


Monyatsi ya hlalefileng, ditsebeng tsa motho ya utlwang, o jwaloka lesale la kgauta, le lepetu la kgauta e hlwekileng.


Bo fetisa diperela ka bohlokwa, tsohle tse lakatsehang ha di lekane le bona.


o tle o ipolokele masene, mme molomo wa hao o boloke tsebo.


Amohelang thuto ya ka ho fetisa silefera, le tsebo ho fetisa kgauta e hlwekileng.


Hobane bohlale ke ntho ya bohlokwa ho fetisa diperela, mme tsohle tse hlokolotsi ha di na le ho bapiswa le bona.


Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ