14 E mpe! e mpe! ho bolela moreki; ebe o a ikela, a ntse a ithorisa.
14 “Ha e a loka! Ha e a loka!” ho rialo moreki. Ha a furalla a tsamaye a ithorisa.
Se rate boroko, esere mohlomong wa fumaneha; phaphama, o tutubolohe, mme o tla kgora bohobe.
Kgauta e teng, le diperela tse ngata, empa ntho e theko e thata ke melomo e rutehileng.
Na ntho e teng eo ka yona ho ka thweng: Bona hona, ke ho hotjha? ... Le mehleng e bileng pele ho rona, ho ne ho ntse ho le teng.
Nako e tlile, letsatsi le atametse. Moreki a se ke a thaba, morekisi le yena a se ke a lla, hobane kgalefo e ya tlela letshwele lohle la bona.
Hape, motho a se ke a hata ngwanabo, leha e le ho mo senyetsa tabeng leha e le nngwe; hobane Morena ke mophethetsi wa ntho tsohle tse jwalo, jwalokaha re se re kile ra le bolella pele ka komelo e tiileng.