Saule a shwa jwalo ka baka la boikgantsho ba hae, boo a neng a ikgantsheditse Jehova ka jona, bakeng sa lentswe la Jehova leo a sa kang a le boloka, le bakeng sa hobane a ne a botsitse ba bitsang bafu, hore a ipotsetse ditaba ho bona,
Empa le wena Ya matla wohle o tla o senya ka ho sa yeng kae, o tla o tshwara, a o pshemole tenteng ya hao, a o fothole lefatsheng la ba utlwang. (Sela.)
Ke eo motho ya sa kang a inkela Modimo ho mo etsa qhobosheane ya hae, ya neng a itshepisa ka maruo a hae a maholo, ya neng a ipea matla ka bolotsana ba hae!
Jehova o tla hana ho mo tshwarela; empa kgalefo ya Jehova le poulelo ya hae di tla tukela motho eo; dithohako tsohle tse ngodilweng bukeng ena di tla mo wela hodimo; mme Jehova o tla hlakola lebitso la hae tlasa lehodimo.
Jehova, Modimo wa hao, o tla falatsa ditjhaba tseo pela hao butle; o ke ke wa di qeta kaofela hang, esere mohlomong dibatana tsa naha tsa o atela haholo;