Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.
Mme Jehova a hlohonolofatsa qetello ya Jobo ho fetisa qalo ya hae; a rua dinku tse dikete tse leshome le metso e mene, le dikamele tse dikete tse tsheletseng, le dipholo tse lekaneng dijoko tse sekete, le diesele tse sekete tse tshehadi.
Ya tjhatjhehisang ba lokileng ho ba kgelosetsa tseleng e mpe, e tla ba yena ya welang lemeneng leo a le tjhekileng; ba lokileng bona ba tla ja lefa la lehlohonolo.