Moratwana wa ka o sa na le eng ka tlung ya ka, ha ho ntse ho etswa ke yena bolotsana bo bongata? Le nama e kgethehileng e ya tloswa ho wena. Ereha o etsa bobe, ke hona o thabang!
Tsatsing leo, ha o sa tla hlajwa ke dihlong ka baka la diketso tsa hao kaofela tseo o nkwenehetseng ka tsona; hobane teng ke tla tlosa ba ithabelang boikgohomosong ba bona, kahare ho wena, mme ha o sa tla hlola o ikgohomosa thabeng ya ka e kgethehileng.