12 ho o phemisa tsela ya bobe, ho o kelosa ho bao ba buang tse kgopo,
12 e o pholose tseleng tse kgopo, e o phemise ba buang tse mpe,
Pelo ya bakgopo a e eme hole le nna; ha ke rate ho tsebana le ya bolotsana.
O se ke wa leseletsa pelo ya ka ho sekamela bobe, ke se ke ka etsa tse mpe ka lonya le ba sebetsang bokgopo, ke se ke ka latswa menate ya bona.
Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.
Ya tsamayang le ba bohlale o tla hlalefa; empa ya tlwaelaneng le mawatla o tla senyeha.
Mahlo a hao a tla tadima diraburabu, mme pelo ya hao e tla bolela tse kgopo;
Ya itshepelang pelo ya hae ke lehlanya; empa ya tsamayang bohlaleng, o tla pholoha.
Ho Jehova motho ya kgopo ke manyala, empa ya lokileng o na le lekunutu la hae.
Motho wa lefeela, ya lonya, o tsmaya ka molomo o mano,
Ho tshaba Jehova ke ho hloya bobe. Ke hloile boikgantsho le boikgohomoso, motsamao o mobe le molomo o kgopo;
Le hlobohe bothoto, mme le tla phela, le tsamaye tseleng ya hlalefo.
le hobane ho tla tswa hara lona batho ba tla bolela ditaba tse kgopo, ho ikgulela barutuwa.
Le se ke la lahleha: ditlwaelano tse mpe di bodisa mekgwa e metle.
Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,