Yena a reteleha, a ba sheba, a ba rohaka ka lebitso la Jehova. Yaba ho tswa dibere tse pedi tse tshehadi morung, tsa harola bana ba mashome a mane a metso e mmedi.
Mme jwale, le se ke la nna la soma, mahlaahlela a lona a tle a se ke a tiiswa; hobane ke utlwile ho Morena, Jehova wa makgotla, hore tshenyeho ya lefatshe lohle e rerilwe.
Ya molato ha a tshwanelwa ke ho shapuwa, moahlodi o tla laela hore a paqamiswe fatshe, mme a shapuwe pontsheng ya hae ka ditjhapo tse tshwanelang molato wa hae.