24 Sekgoba se kenya letsoho lefisong, empa se tswafa le ho le isa molomong.
24 Tsoho la ya botswa le hanella ka sejaneng, o tswafa le ho le isa ka hanong la hae.
O honyeletsang letsoho la hao, letsoho la hao le letona? Ako le ntshe fubeng sa hao, o ba timeletse!
Sekgoba se tswafa le ho phallela phoofolo ya sona; empa ntho tse molemo di ruwa ke batho ba kgothetseng.
Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.
Botswa bo dihela motho bodibeng ba boroko, mme moya wa mokokorohi o tla lapa.
Takatso tsa sekgoba di a se bolaya, hobane matsoho a sona a hana ho sebetsa.
A araba a re: Ya kentseng letsoho morifing le nna, ke yena ya tla nkeka.
A araba, a re ho bona: Ke e mong wa ba leshome le metso e mmedi, yena ya kenyang letsoho le nna morifing.