Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Ho tshaba Jehova ho isa bophelong; ya mo tshabang o tla kgora, a robale, a sa hlahelwe ke kotsi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Ho tshaba Morena ho a phedisa, ya nang le tshabo eo o tla phela ka boiketlo, bobe bo ke ke ba mo wela hodimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:23
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa mohau wa Jehova o hlola o le teng kamehla le mehla ho ba mo tshabang, le ho loka ha hae ho bana ba bana ba bona,


Tshebeletso ya Jehova e hlwekile, e hloleha kamehla; dikahlolo tsa Jehova ke nnete, di lokile kaofela;


Moya wa hae o tla iketla lehlohonolong, ditloholo tsa hae di tla rua lefatshe.


Ruri, poloko ya wona e haufi le ba o tshabang, kganya e tle e ahe naheng ya rona.


O re kgorise ka mohau wa hao e sa le kameso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi wohle a rona.


Ka baka leo, tlokotsi e ke ke ya fihla ho wena, kotsi e ke ke ya atamela tente ya hao;


Ke tla mo kgorisa ka matsatsi a mangatangata, ke mmontshe poloko ya ka.


Ho tshaba Jehova ho atisa ditshiu, empa dilemo tsa moetsadibe di tla kgutsufatswa.


Ho loka ha sebele ho isa bophelong; haele ya latelang bobe, yena o mathela lefung.


Ya lokileng a ke ke a tlelwa ke tsietsi; empa ba babe ba tla atelwa ke mahlomola.


Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.


Moputso wa boikokobetso le wa ho tshaba Jehova ke leruo, le kganya, le bophelo.


Leha o ya robala, o ke ke wa tshoha; ha o se o kgalehile, boroko ba hao bo tla ba monate.


Empa haele lona ba tshabang lebitso la ka, le tla tjhabelwa ke tsatsi la ho loka le nang le poloko mahlaseding a lona; le tla tswa, le be le thale jwaloka manamane a nontshitsweng.


Ho lehlohonolo ba lapelang ho loka, ba nyoretsweng hona; hobane ba tla kgoriswa.


Jwale, dikereke di ne di dutse ka kgotso kahohle Judea, le Galelea, le Samaria; di ne di hahiswa, di tsamaya ka tshabo ya Morena; mme di ne di anafala ka tshediso ya Moya o Halalelang.


Mme re tseba hore dintho tsohle di sebedisana hammoho molemo wa ba ratang Modimo, e leng ba bitsitsweng ka morero wa wona.


Hobane hlakiso ya mmele ha e thuse hakae, empa borapedi bo thusa kahohle, bo tswe bo ena le pallo ya bophelo ba jwale le ya bo tlang ho tla.


Mme Morena o tla nne a nnamolele mesebetsing yohle e mebe, mme o tla mpolokela ho kena mmusong wa hae o lehodimong. Ho yena e be kganya ka ho sa feleng. Amen!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ