Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Molemo wa motho o tsejwa ka seo a ratang ho se etsa, ke moo mofutsana a fetang morui ya lehata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Meharo e hlabisa motho dihlong; ho molemo ho futsaneha ho ena le ho bua leshano.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:22
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Jehova a mpa a re ho ntate Davida: Kgopolo eo ya hao, ya ho hahela lebitso la ka ntlo, o fela o hopotse hantle;


Ya ekang motswalle wa hae, mahlo a bana ba hae o tla a bona a timilwe.


Banabeso ba tletse thetso jwaloka phororo, jwaloka metsi a molatswana a nyamellang;


Bana ba batho ke lefeelafeela, le bara ba batho ke leshano feela; ha le ka ba bea sekaleng, ba ka phahama feela; kaofela hammoho ke lefeela.


Mofutsana ya tsamayang ka toka ya hae o fetisa ya kgopo mekgweng ya hae.


Mehopolo e mengata ka pelong ya motho, empa morero wa Jehova ke wona o tiyang.


Ho tshaba Jehova ho isa bophelong; ya mo tshabang o tla kgora, a robale, a sa hlahelwe ke kotsi.


Hobane ho rata ha ho le teng, motho o ye a natefelwe ka seo a nang le sona, e seng ka seo a se hlokang.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ