Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mamela keletso, o amohele tayo, o tle o hlalefe isao.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

20 Sekehela keletso tsebe, o mamele ditaelo, e le hore qetellong o tle o hlalefe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:20
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lemoha ya lokileng, o tadime motho wa toka; hobane motho wa kgotso o sa tla bona ditloholo,


O re rute ho bala matsatsi a rona ka mokgwa oo re ka fihlelang pelo e hlalefileng ka wona!


O re kgorise ka mohau wa hao e sa le kameso, re tle re nyakalle, re thabe ka matsatsi wohle a rona.


tsa ho ruta bohlale le tayo, ho hlahlisa dipuo tse maele,


ho ratisa thuto ya kelello, ya ho loka, ya kutlwisiso, ya toka;


Mora wa ka, mamela thuto ya ntatao, o se ke wa furalla tayo ya mmao;


Tsela ya lewatla e lokile mahlong a lona; empa ya amohelang keletso o bohlale.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Ya hanang tayo o nyedisa moya wa hae; empa ya mamelang kgalemelo o rua bohlale.


Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.


Bana ba ka, mamelang thuto ya ntata lona, le e nahane, le tle le fihlele kelello.


keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna.


Mamelang thuto, le tle le hlalefe, le se ke la e kgeloha.


Jerusalema, baka, esere moya wa ka wa o furalla, esere ka o fetola lesupi, naha e se nang batho.


Ke ne ke itse: Feela o ntshabe, o amohele kgalemelo! ... Hoja o ka etsa jwalo, bodulo ba wona bo ka be bo sa tlo fediswa, ka tsohle tseo ke di laetseng hodima wona; empa ba tsohetse ho senya diketso tsa bona kaofela.


A ke mang ya ka balang lerole la Jakobo, ya ka bolelang karolo ya bone ya palo ya Iseraele? A nke ke shwe lefu la ba lokileng, mme bofelo ba ka bo tshwane le jwa bona!


Hojane ba le bohlale ba ka be ba lemohile taba tsena, le ho ela ho fela ha bona hloko!


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ