Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 19:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Kgalefo ya morena a jwaloka ho rora ha tau, empa lerato la hae le jwaloka phoka hodima jwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Kgalefo ya kgosi e jwaloka tau ha e puruma, mohau wa yona o jwaloka phoka hodima jwang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 19:12
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo o ke o o fe phoka ya lehodimo le lefura la lefatshe, le nala ya koro le ya veine!


o jwaloka lesedi la meso, ha tsatsi le tjhaba, ha meso e se na maru; pula ha e tswa na, mahlasedi a lona a medisa jwang lefatsheng.


Empa mofumahadi Vashti a hana ho tla ka molomo wa morena o isitsweng ho yena ke matona. Morena a halefa haholo ke hona, mme bohale ba hae ba tuka kahare ho yena.


Morena a kgutla tshimong ya ntlo ya borena, a boela tlung moo ho neng ho nowa veine. Athe Hamane o ne a itihetse malaong ao Esthere a sekameng ho wona. Morena a re: Na ke ho re, o ya tsohela mofumahadi matla hona pela ka, tlung ya ka na? Taba eo yare e sa tswa molomong wa morena, ha kgurumetswa sefahleho sa Hamane.


Ho jwaloka phoka ya Hermone, e theohelang dithabaneng tsa Sione, hobane ke moo Jehova a laeletseng hlohonolofatso le bophelo ka ho sa feleng.


O tla theoha, a be jwaloka pula hodima makgulo, jwaloka medupe e kolobisang mobu.


Bohale ba morena bo tshabeha jwaloka tau ha e puruma; ya mo halefisang o itshitelwa moya wa hae.


Morena ya lonya ya busang setjhaba se fumanehileng, ke tau e purumang, ke bere e lapileng.


etswe lentswe la morena le le matla, mme ke mang ya tla re ho yena: O etsang?


Hobane Jehova o mpoleletse, a re: Ke tla itulela, ke tadime ke le nqalong ya bodulo ba ka, motshehare, ha le sele hantle, leha leru la phoka le le teng, ha letsatsi le tjhesa mohla kotulo.


ka baka la boholo boo o neng o mo neile jona, ba mefuta yohle le ba ditjhaba tsohle le ba dipuo tsohle ba ne ba mo tshaba kaofela, ba thothomela pela hae; o ne a bolaya eo a ratang ho mmolaya, a phedise eo a ratang ho mo phedisa, a phahamise eo a ratang ho mo phahamisa, a kokobetse eo a ratang ho mo kokobetsa.


Ka taelo ya morena, ha tliswa banna bano ba qositseng Daniele, ba akgelwa lemeneng la ditau, e le bona, le bana ba bona, le basadi ba bona; ba eso ho fihle fatshe lemeneng, ditau tsa be di se di ba tshwara, di roba masapo wohle a bona.


Ke tla ba jwaloka phoka ho Iseraele; o tla thunya jwaloka dipalesa, a mele metso jwaloka Lebanone.


Masala a Jakobo a tla ba hara ditjhaba tse ngata jwaloka phoka e tswang ho Jehova, jwaloka marothodi a hodima jwang, a sa lebelleng taelo ya motho, a seng molaong wa bana ba batho.


Iseraele o tla aha ka tshepo a nnotshi; sediba sa Jakobo se kolla naheng ya koro le ya veine e ntjha, mme mahodimo a Jakobo a qhitsa phoka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ