6 Melomo ya sethoto e se kenya diphapang, leleme la sona le mema melamu.
6 Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa.
Ya lewatla o hlahisa bohale ba hae feela; empa ya masene o pata tshito ya ya mo sitetsweng.
Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.
Ya bohlale o na le tshabo, o sesefa bobe; empa ya thotofetseng o tlatselela feela, mme o a itshepa.
Molomong wa lewatla, ho na le thupa e otlang boikgohomoso ba lona; empa ba bohlale ba bolokwa ke melomo ya bona.
Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.
Motho ya bohale o tla jara kotlo ya teng; ha o mo lopolla, o tla boela a sebe.
Dikotlo di beetswe basomi, dithupa di boloketswe mekokotlo ya mawatla.
Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.
Lelekisa mosomi, mme komang e tla tswa, phapang e dihlong e fele.
Ho ikahela ntlheng ya marulelo a ntlo, ho molemo ho ena le ho dula ka tlung e kgolo le mosadi ya omanang.
Lejwe le boima, le lona lehlabathe, empa hlonamo ya lehlanya e di feta tse pedi.
Motho ya bohlale ha a tseka le lehlanya, a ke ke a bona kgotso, leha a halefa, leha a tsheha.