Oho, Modimo wa rona, utlwa kamoo re entsweng sekgobo kateng; o busetse dihlapa tsa bona hloohong tsa bona, mme o ba neele hore ba ya ho tlatlapuwa naheng ya kgoleho.
Ha le nyefolelwe lebitso la Kreste le lehlohonolo; hobane Moya wa kganya, Moya wa Modimo, o dutse hodima lona; bona ba o nyefola, empa lona le a o tlotlisa.
Ebile Saule o halefela Jonathane, a re ho yena: Ngwana ya lonya, ya ikgantshang, ha ke re, ke a tseba hobane o ikgethetse mora Jese hore ka yena o hlabiswe dihlong le bona bofeela ba mmao na?