Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:21 - Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Lefu le bophelo di matleng a leleme; ba le ratang ba tla ja tholwana tsa lona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

21 Leleme le ka phedisa, hape le ka bolaya, ba ratang ho hehla ba tla kotula tholwana tsa hona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:21
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka baka la tsietsi ya bafumanehi, le la masisapelo a basenyehi, ke tla tsoha hona jwale, ho bolela Jehova, mme ke tla fa thuso ho ba hloriswang.


Molomo wa ya lokileng o hlahisa tsa bohlale, empa leleme le kgopameng le tla qhwishilwa.


Tholwana tsa motho ya lokileng ke sefate sa bophelo; ya bohlale o hapa meya ya batho.


E mobe o tshwaswa ke molato wa melomo ya hae, empa ya lokileng o tla tswa tsietsing.


Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.


Ereng: Ba lokileng ba tla ba lehlohonolo, hobane ba tla ja ditholwana tsa diketso tsa bona.


Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.


Le lemile bokgopo, le kotutse bolotsana, le jele dijo tsa leshano. Hobane, wena Iseraele, o tshepile metsamao ya hao le bongata ba dinatla tsa hao.


Ha ho le jwalo, re ke ke ra makala ha bahlanka ba hae le bona ba ikgakanya ka sebopeho se kang sa bahlanka ba ho loka; empa qetello ya bona e tla lekana le mesebetsi ya bona.


ho ba bang re monkgo wa lefu, o bolayang; ho ba bang re monkgo wa bophelo, o phedisang. Empa ke mang ya ka lokelang tse kalo?


Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.


Le polelo tsa lona e be tse molemo kamehla, tse nokilweng ka letswai, le tle le tsebe kamoo le tshwanetseng ho araba e mong le e mong kateng.


Hobane ka ho bolela ditaba tsa boikgantsho le tsa lefeela, ba tjhatjhehisa ka ditakatso tsa nama le ka bohlola batho ba sa tswa furalla ba itsamaelang leshanong;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ