Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Pelo e jarisa motho ho baba ha hae; empa pelo e robehileng e ka tsoswa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Ya kulang o matlafatswa ke moya wa hae, moya o hlomohileng o ka phekolwa ke mang?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:14
26 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Metsu ya Ya matla wohle e ntlhabile, mme pelo ya ka e noswa mahloko a yona; matsoso a Modimo a hlopholohile ho ntwantsha.


o mpoloke, hobane ke ya madimabe le ya lesitsi, mme pelo ya ka e hlabehile kahare ho nna.


O fodisa ba pelo di hlabehileng, o tlamella maqeba a bona.


ha ke utlwa lentswe la sera, ke le katlasa botubo ba molotsana; hobane ba ntshela ka bobe, ba ntlhorisa ka bohale.


Tshabo le thothomelo di nkeneletse, tshoho e nkimetse.


Moshe a bolela jwalo ho bana ba Iseraele, empa ha ba ka ba mamela Moshe ka baka la bohloko ba pelo le la bokgoba bo thata.


Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo.


Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moya o hlomohileng o omeletsa masapo.


Hobane thoriso ya rona ke ho emelwa ke letswalo la rona, hoba re tsamaile lefatsheng, haholoholo hara lona, ke pelo e hlokang mano le ka nnete ya Modimo, e seng ka bohlale ba nama, empa e leng ka mohau wa Modimo.


Empa jwale, le tshwanetse ho mo rekolohela le ho mo tshedisa, motho eo a tle a se ke a qetwa ke maswabi a tlodisang.


Banabeso, le ke le lekanye hobane ke thabo feela ha le hlahelwa ke meleko e mengata;


Ke sona seo le se thabelang haholo, leha empa jwale le sa ntse le hlomohile ke meleko e mengata, leha empa e le ka motsotso o mokgutshwanyane kamoo ho le tshwanetseng kateng;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ