Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:12 - Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Tshenyeho ha e tla hlaha, pelo ya motho e ye e ikgohomose, empa boikokobetso bo etella hlompho pele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

12 Boikakaso bo etella timelo pele, boikokobetso bona bo tla pele ho tlotla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:12
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, Jehova, Modimo wa ka, o beile mohlanka wa hao morena, tulong tsa ntate Davida; athe nna ke mohlankanyana feela, ha ke tsebe le ho itsamaisa.


Ha ho hlaha boikgohomoso, eba dihlong di a hlaha le tsona; empa bohlale bo ho ba ikokobetsang.


Ho tshaba Jehova ke thuto ya bohlale, mme boikokobetso bo etella kganya pele.


Boikgohomoso bo etella timelo pele, boikgantsho bo isa ho weng.


Boikgohomoso ba motho bo a mo kokobetsa, empa ya pelo e ikokobetsang o tla finyella kganyeng.


Mora motho, ere ho morena wa Tire: Morena Jehova o re: Erekaha pelo ya hao e ikgohomositse, mme o itse: Ke modimo, ke dutse teroneng ya modimo, mahareng a mawatle! athe o motho, ha o modimo, leha o beile pelo ya hao jwaloka hoja e le ya modimo;


Na o tla re, o modimo, mahlong a ya tlang ho o hlaba? Athe o motho, ha o modimo, tlasa letsoho la ya o hlabang.


Naha ya Egepeta e tla etswa lesupi le dithako, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova. Erekaha a itse: Noka ke ya ka, ke nna ke e entseng;


Ka re ke sa ntsane ke rapela, ke bolela sebe sa ka le sebe sa setjhaba sa heso sa Iseraele, ke tsholla dithapedisiso tsa ka pela Jehova, Modimo wa ka, bakeng sa thaba e kgethehileng ya Modimo wa ka,


Eitse ha o sa qala ho rapela, lentswe la tswa leo ke tlileng ho o tsebisa lona, hobane o ya ratwang. Ela lentswe hloko, o utlwisise pono.


Hobane e mong le e mong ya ikgodisang, o tla kokobetswa; mme e mong le e mong ya ikokobetsang, o tla hodiswa.


Le lona ba batjha, ipeeng katlase ho ba baholo, mme le apare bohle boikokobetso, le ntse le ipea e mong katlase ho e mong; hobane Modimo o hanela ba ikgohomosang, empa o hauhela ba ikokobetsang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ