Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 18:1 - Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Motho ya ikgethang ho ba bang o batla ho ikgahlisa yena a nnotshi; kgalefong ya hae o soma tsohle tsa bohlale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

1 Ya iketsang mokgelo o ithata boyena, tsohle tsa bohlale o hanyetsana le tsona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 18:1
22 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho tla tsejwa kang hoba ke bone mohau ho wena, nna le setjhaba sa hao?


Pelo e itsebela ho baba ha yona; le teng, ho thaba ha yona ho ke ke ha kopanelwa ke motho e mong.


Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.


Mosebi ya tsamayang a seba, o phunya makunutu; ha ho le jwalo, tshaba ho tlwaelana le ya ntseng a ahlamisa melomo ya hae.


Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Mofetakatsela ya kenang komang tsa ba bang ka bohale, o tshwara ntja ka ditsebe.


Mora ka, tseo di se ke tsa ba tsa tloha pela hao, boloka bohlale le kutlwisiso;


keletso le hlalefo ke tsa ka, le wona masene le matla a ho nna.


Ha ke a ka ka itulela mokgatlong wa basomi ho ya ithabela teng; ka mpa ka dula ke nnotshi ka baka la letsoho la hao le ntshwereng, hobane o ntlatsitse ka hlonamo.


ho botsa baprista ba ntlo ya Jehova wa makgotla le baporofeta, ho re: A ke sa tla lla le ho itima dijo ka kgwedi ya bohlano, jwalokaha ke entse ka lemo tseo tse kalo na?


A ba araba, a re: Ke hobane lona le neilwe ho tseba diphiri tsa mmuso wa mahodimo, empa bona ha ba ka ba newa.


Hape, mmuso wa mahodimo o jwaloka letlotlo le patilweng tshimong, leo eitseng hobane motho a le fumane, a boela a le pata; mme ka baka la ho le thabela, o rekisa ka ntho tsohle tseo a nang le tsona, o ithekela tshimo eo.


Yare hosasa, a tsoha e sa le kameso, a tswa tlung, mme a ya feelleng, a rapela teng.


Yaba o re ho bona: Lona le neilwe ho tseba sephiri sa mmuso wa Modimo, athe ho bao ba kantle tsohle di etswa ka ditshwantsho;


Ke le Pauluse, mohlanka wa Jesu Kreste, ya bitsitsweng ho ba moapostola, ya kgethetsweng Evangeli ya Modimo,


Ka baka leo, tswang hara bona, mme le ikgethe, o rialo Morena; le se ke la ama sesila; mme nna ke tla le amohela,


Hara diphoofolo, le ka ja tsohle tse ditlhako di arohaneng, tse dikgola tse pedi, tse thuisang.


Ke ba ikarolang ho rona, ba nang le bophelo ba nama feela, ba se nang Moya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ