Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Dipuo tsa maele ha di roneha ho motho ya mabela, tse mano tsona di roneha hakakang ho ba baholo!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Sethoto ha se lokelwe ke puo tsa bokgeleke, puo ya leshano ha e lokele kgosana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:7
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Modimo wa Iseraele o buile, Lefika la Iseraele le mpoleletse, la re: Ya busang batho ka ho loka, ya renang ka ho tshaba Modimo,


Ruri, Modimo o ke ke wa etsa ho sa lokang; Ya matla wohle a ke ke a kgopamisa ho loka.


O mumufatse melomo ya leshano, e bolelang dipolelo tsa bohata ka boikgohomoso le ka nyefolo hodima ya lokileng!


Molomo wa nnete o tla tiya ka ho sa feleng; empa leleme le bohata ke la motsotso o kang ha ke panya.


Melomo e mano ke manyala ho Jehova; empa ba bolelang nnete ba mo kgahlisa.


Boiketlo ha bo lokele sethoto; ho tla ronana hakakang ha mofo a busa marena!


Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.


Jwaloka lehlwa ha le sa tshwanele lehlabula, leha e le pula mohla kotulo, le yona hlompho ha e lokele lehlanya.


Jwalokaha maoto a sehole a leketla feela, polelo ya bohlale e jwalo melomong ya mahlanya.


Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.


Ke mahlo a boikgohomoso, ke leleme le mano, le matsoho a tshollang madi a se nang molato;


Moikaketsi, qala hle ka ho ntsha tshiya e leihlong la hao, ke moo o tla bontshisa ho ntsha lehlokwana leihlong la ngwaneno.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ