Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

3 Silefera e hlwekiswa ka ho qhibidiswa pitseng, kgauta yona e hlwekiswa ka sebopi sa yona; athe dipelo tsona di hlahlojwa ke Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:3
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hape, Modimo wa ka, ke a tseba hoba o lekola pelo, mme o kgahlwa ke ho loka. Haele nna, ha ke o neetse ntho tseo kaofela ka ho rata, ke ka ho loka ha pelo ya ka; mme jwale ke thabile ha ke bona setjhaba sa hao se leng mona se o ntshetsa dimpho tsa sona ka ho rata.


Athe o tseba tsela ya ka; le hoja o ka nteka, ke ne ke tla tswa ke hlwekile jwaloka kgauta.


Silefera e na le moo e rafshwang teng, kgauta e na le moo e tjhekwang teng, hore e be e hlwekiswe;


O ntekole, Jehova, o batlisise ho nna! O leke letheka la ka le pelo ya ka!


Hobane wena, Modimo, o re lekile, wa re tshekisa ka mollo jwalokaha ho tshekiswa silefera,


Nqalo ya bafu le sehoko di pontsheng ho Jehova; haholo jwalo dipelo tsa batho.


Mekgwa yohle ya motho e lokile mahlong a hae; empa Jehova o lekanya meya.


Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.


Tsela tsa motho kaofela di lokile mahlong a hae, empa Jehova ke yena ya lekanyang dipelo.


Pitsa ya lesehla e qhibidisa silefera, sebopi se bedisa kgauta; motho a leke jwalo molomo o mo rorisang.


Bona, ke o hlwekisitse, empa ha ke a ka ka fumana silefera; ke o lekile seboping sa mahlomola.


Ke nna Jehova ke lekolang pelo, ke lekang matheka, ke tle ke busetse ho e mong le e mong ka mokgwa wa hae le ka tholwana ya diketso tsa hae.


Mora motho ba ntlo ya Iseraele ho nna ba fetohile manya; ke koporo feela, le tine, le tshepe, le loto tse seboping; kaofela ha bona ke manya a silefera.


Hara ba hlalefileng ho tla wa ba bang, hore ba lekwe, ba hlatsuwe, ba sweufatswe, ho isa mehleng e qetellang; hobane le yona taba eo e beetswe nako e beilweng.


Eo ya boraro, yona ke tla e kenya mollong, ke ba qhibidise jwaloka ha ho qhibidiswa silefera, ke be ke ba tsheke jwaloka, ha ho tshekwa kgauta. Ba tla rapela lebitso la ka, mme ke tla ba arabela. Ke tla re: Ke setjhaba sa ka, mme sona se tla re: Jehova ke Modimo wa rona.


ya o fepileng nahathothe ka manna, eo bontatao ba sa kang ba e tseba; a tle a o kokobetse, a o leke, hore a tle a o hlohonolofatse mehleng e tlang.


Hopola tsela yohle eo Jehova, Modimo wa hao, a o tsamaisitseng ka yona feelleng ka dilemo tsena tse mashome a mane, hore o kokobetswe, o lekwe, mme ho bonwe tse pelong ya hao, hore na o tla boloka ditaelo tsa hae, kapa tjhe.


hore tumelo ya lona, ha e se e lekilwe, e leng e fetisang hole kgauta e timelang, athe le yona e ye e lekwe ka mollo, e tle e le fetohele poko, le hlompho, le kganya, mohla Jesu Kreste a hlahang;


Ke tla bolaya bana ba hae ka lefu; mme dikereke tsohle di tla tseba hobane ke nna ya lekolang matheka le dipelo; mme ke tla putsa e mong le e mong wa lona ka ho lekanang mesebetsi ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ