Ebile morena o hlokofala haholo, a hlwella phaposing e hodima monyako, a lla, a nna a tsamaya teng, a ntse a re: Mora ka Absalome! mora ka! mora ka Absalome! Hojane ho shwele nna bakeng sa hao, Absalome! mora ka! mora ka!
Leha ke ne ke le ngolle jwalo, e ne e le hore mohla ke fihlang, ke se ke ka swabiswa ke bao ke tshwanetseng ho thabiswa ke bona; kamoo ke ntseng ke le tshepile kaofela kateng, hobane thabo ya ka ke ya lona bohle.