Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

2 Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

2 Mohlanka ya masene a ka busa mora, a busa mora ya sethoto wa monga hae, a arolelwa lefa jwaloka bana ba monga hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:2
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.


Ya ferekanyang ntlo ya hae, lefa la hae e tla ba moya feela; lewatla e tla ba mofo wa motho ya pelo e hlalefileng.


Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.


Ho monate ho ja phate feela moo kgotso e leng teng, ho ena le ho dula tlung e tletseng dinama, moo dikomang di leng teng.


Silefera e qhibidiswa pitseng ya lesehla, kgauta e bediswa seboping; empa ya lekang dipelo ke Jehova.


Ya tshwenyang ntatae, mme a lelekisa mmae, ke ngwana e mobe, ya hlabisang dihlong.


Thupa le kgalemelo di fa motho bohlale, empa mohlankana ya ipusang o hlabisa mmae dihlong.


Mohlankana ya fumanehileng, ha a hlalefile, o feta morena wa leqheku, ya lewatla, ya seng a se na ho eletswa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ