Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:16 - Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Tsa ho reka letsohong la sethoto di sebetsang na? Na ke ho reka bohlale na? Empa se hloka pelo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

16 Thuso ke efe, ya ho nea sethoto tjhelete athe ha se na kutlwisiso ya ho reka bohlale?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:16
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.


Pelo ya motho ya nang le kelello e rua tsebo, tsebe tsa ba bohlale di sela yona.


Rua nnete, o se ke wa rekisa ka yona, le bohlale, le thuto, le kelello.


Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.


Bofebe le veine le jwala di fedisa kelello ya bona.


Hobane e mong le e mong ya etsang bobe, o hloile lesedi, mme ha a tle leseding, mesebetsi ya hae e tle e se ke ya kgalemelwa.


Yaba Pauluse le Barnabase ba ba bolella pontsheng, ba re: Ho ne ho tshwanetse hoba lentswe la Modimo le bolellwe lona pele; erekaha le le hana, mme le ikahlola e le lona hore ha le a tshwanelwa ke bophelo bo sa feleng, bonang, re retelehela ho baditjhaba.


Jwale, kahobane re le ba sebedisanang le Modimo, re a le kgothatsa hore le se ke la ba ba nketseng mohau wa Modimo lefeela.


Oho! hoja ba ka ba le pelo e jwalo kamehla, ya ho ntshaba, le ya ho boloka ditaelo tsa ka tsohle kamehla, ba tle ba be le lehlohonolo, bona, le bana ba bona, ka ho sa feleng!


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ