Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:14 - Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Ho qala phapang ke ho phunya metsi; ka baka leo, kgang ha e eso ho hotele, o e tlohele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

14 Qabang e qala jwaloka metsi a faposwa mosele, wena e kwekwetle e eso ka e kekela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:14
28 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, banna bohle ba Iseraele ba tla ho morena, ba re ho morena: Na banna ba Juda, bao e leng banababo rona, ba o utsweditseng ho rona, ba bile ba tshedisitse morena le ba ntlo ya hae, le banna bohle ba Davida Jordane?


Abija le batho ba hae ba ba bolaya jwalo ka polao e kgolo, ha ba ha wa ho Baiseraele batho ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mahlano.


hobane Peka, mora Remalia, o kile a bolaya Bajuda ba dikete tse lekgolo le nang le mashome a mabedi ka tsatsi le le leng, e le banna ba bahale kaofela, e le kahobane ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona.


Boikgohomoso bo hlahisa phapang feela; empa bohlale bo ho ba mamelang keletso.


Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.


Ya ratang komang o rata tshenyeho; ya hodisang monyako wa hae o batla dithako.


Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.


Ke thoriso ho motho ho intsha tsekong; empa lehlanya le phehella ho yona.


O se ke wa phaka wa ya nyeweng, esere mohlomong qetellong wa kena tsietsing, ha o se o hlotswe ke wa heno.


Mashala a matsho a etsa mashala a hlenneng, patsi e hotetsa mollo; ho jwalo motho ya dikomang, o tukisa dikgang.


Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.


Ha ho ka etswa, mme ha e le ka lona, le dule ka kgotso le batho bohle.


Mme le tiise matla ho dula ka kgotso; le itshebelletse tsa lona, mme le sebetse ka matsoho a lona, jwalokaha re le laetse;


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ