Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:13 - Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Ya busetsang botle ka bobe, bosoto bo ke ke ba tloha tlung ya hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

13 Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:13
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale, lerumo ha le sa tla tloha tlung ya hao le ka mohla o le mong, ka baka la hobane o nnyedisitse, ha o nkile mosadi wa Uria Mohethe, hore e be mosadi wa hao.


Ke tla etsa ka ntlo ya hao jwalokaha ke entse ka ntlo ya Jeroboame, mora Nebathe, le ka ntlo ya Baesha, mora Akija, kahobane o phepheditse bohale ba ka le ho sebisa Iseraele.


Ba ntefela botle ka bobe, ba ntwantsha, hobane ke phehella botle.


Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.


Setjhaba kaofela sa araba, sa re: Madi a hae a be hodima rona, le hodima bana ba rona.


Ebile ke ha a lahlela ditjhelete tsa silefera tempeleng, a tloha, a iphenetha.


Le se ke la busetsa bobe ka bobe, leha e ka ba ho mang le mang. Batlang tse leng ntle mahlong a batho bohle.


Le bone hore ho se ke ha eba ya lefetsang bobe ka bobe; le mpe le batle kamehla se ka bang molemo ho e mong le e mong hara lona, le ho bohle.


le se ke la phetetsa bobe ka bobe, le hlapa ka hlapa; le mpe le hlohonolofatse, ke ho tseba hobane le bileditswe hona, hore le tle le rue hlohonolofatso.


Ha ho le jwalo, Jonathane a bua hantle bakeng sa Davida ho Saule, ntatae, a re ho yena: Morena a se ke a sitelwa mohlanka wa hae Davida, etswe a sa ka a o sitelwa ka letho, le diketso tsa hae di o thusitse haholo.


A boela a re ho Davida: Wena, o mphetisa ka ho loka, hobane o nkentse hantle, athe nna ke o entse hampe.


Haele Davida o ne a itse: Ke entse lefeela, ha ke bolokile dintho tsohle tsa monna eo feelleng, ho sa ka ha timela letho leha le le leng la hae, ha a busetsa ho nna botle ka bobe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ