Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 17:11 - Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ya lonya o pheheletse boikgantsho feela, empa o tla romelwa lenqosa le lonya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

11 Motho ya kgopo o thabela meferefere, ya jwalo o romellwa leqosa, leqosa le sehloho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 17:11
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Absalome a romela le ho bitsa Akitofele Mogilone, moeletsi wa Davida, Gilo, motseng wa habo, nakong eo a neng a hlaba mahlabelo. Morero wa ba kwenehetseng morena wa tiya, le batho ba tlang ho Absalome ba nna ba eketseha.


Bahlankana ba leshome, mahlahana a Joabe, ba teela Absalome hare, ba mo hlaba, ba mmolaisa.


Yaba Akimaatse, mora Tsadoke, o re: A nke ke mathe, ke isetse morena taba e molemo ya hore Jehova o mo pheteleditse ho dira tsa hae.


Bakeng sena, ha hlaha monna wa Beliale, bitso la hae e le Sheba, mora Bikri, monna wa Benjamine; a letsa terompeta, a re: Ha re na kabelo ho Davida, hape ha re na lefa ho mora Jese; oho Iseraele, e mong le e mong a boele tenteng ya hae.


Jwale, mosadi a ya ka bohlale boo ba hae ho setjhaba sohle; ba ba ba kgaola Sheba, mora Bikri, hlooho, ba e akgella Joabe. A letsa terompeta, mme banna ba hae ba tloha pela motse, e mong le e mong a ipoella hae tenteng ya hae, Joabe yena a kgutlela ho morena Jerusalema.


Morena a re ho yena: Etsa kamoo a boletseng kateng, o mmolaye, o mo epele; etlaba o tlositse ho nna le tlung ya ntate madi a se nang molato a tsholotsweng ke Joabe.


Yaba morena o laela Benaia, mora Jehojada; a ya, a bolaya Shimei, a shwa.


Motho ya kelello o utlwa kgalemelo, ho feta lehlanya ha le shapuwa ha lekgolo.


Ho molemo ho kgahlana le tau e nketsweng bana, ho fetisa ho kgahlana le lehlanya bohlanyeng ba lona.


Ngwana ka, tshaba Jehova le morena, o se ke wa itlwaetsa babelaedi;


Ba re ho yena: O tla timetsa ba babe bao hampe, mme tshimo ya hae ya merara o tla e laeletsa balemi basele, ba tla mo nea ditholwana nakong ya tsona.


Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.


Haele dira tseo, tse sa kang tsa rata hoba ke di buse, di tliseng mona, le di bolaye pela ka.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ