Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Jehova ha a kgahlwa ke ho tsamaya ha motho, o boelantsha dira tsa hae le yena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

7 Eo metsamao ya hae e kgahlang Morena, Morena o mo phedisa ka kgotso le dira tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:7
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esau a hloya Jakobo ka baka la hlohonolofatso eo ntatae a mo hlohonolofaditseng ka yona, mme Esau a re ka pelong ya hae: Ditshiu tsa bofifi ba ntate di haufi, ke tla bolaya moena ka, Jakobo.


A re ho yena: Lebitso la hao ha ho sa tla thwe ke Jakobo, empa e tla ba Iseraele (ya betaneng le Modimo), hobane o lwanne le Modimo le batho, mme o hlotse.


Esau a titima ho mo kgahlanyetsa, a mo phothoma a wela molaleng wa hae, a mo aka; mme a lla.


Letsoso la Jehova la wela mebuso yohle ya mafatshe a teetseng Juda hare, e tle e se ke ya futuhela Josafate.


Mmuso wa Josafate wa phomola, mme Modimo wa hae wa mo nea phomolo ka nqa tsohle.


Hape, ba nea matona a morena le babusisi ba mose o kwano ho noka ditaelo tsa morena. Yaba bao ba emela setjhaba le ntlo ya Modimo.


hoo ho tla kgahlisa Jehova ho fetisa dipoho, dipoho tse dinaka le ditlhako.


Ke tla etsa hore setjhaba sena se fumane mohau mahlong a Baegepeta, mme etlare ha le tsamaya ha le ka ke la tsamaya le sa nka letho.


Leruo le lenyenyane le nang le ho loka, le molemo ho feta menono e mengata e nang le bokgopo.


Ditsela tsa bona ke ditsela tse kgahlehang, mebila ya bona ke kgotso.


Jehova o re: Kannete ke tla o hlahisetsa molemo, ke tla etsa hore sera se tle se o rapele tsatsing la tsietsi le tsatsing la tlokotsi!


Mo nke, o mo ele sedi; o se ke wa mo etsa letho le lebe; o mpe o mo etse jwalokaha a ka o bolella.


Ke tla hlahisa kgauhelo pelong ya hae bakeng sa lona, a tle a le busetse naheng ya lona.


Modimo wa fumantsha Daniele mosa le mohau ho hlooho ya matona;


Ana re tla reng tabeng tseo na? Ha Modimo o eme le rona, ke mang ya ka hanang ho rona na?


Ke fela ke amohetse tsohle, mme ke atetswe haholo; ho tletse ho nna, ka ho nka ho Epafrodite tse tswang ho lona, tseo e leng monkgo o monate le sehlabelo se amohetsweng ke Modimo, se o kgahlisang.


le tle le tsamaye ka mokgwa o tshwanelang Morena, le mo kgahlise kahohle, le behe ditholwana mesebetsing e metle yohle, le ntse le hola tsebong ya Modimo;


Bana, utlwang batswadi ba lona nthong tsohle; hobane ke taba e kgahlisang Morena.


o ke o le bopele mesebetsi yohle e metle, le tle le etse thato ya wona, mme le wona o etse ka ho lona se o kgahlisang ka Jesu Kreste, eo re reng: Kganya e be ho yena ka ho sa feleng! Amen!


Mme ke mang ya tla le etsa hampe, ha le tjhesehela botle?


Mme seo re se kopang, leha e le sefe le sefe, re se newa ke wona; hobane re boloka ditaelo tsa wona, mme re etsa tse leng ntle pela wona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ