Dihlooho tsa setjhaba, tsona di ne di se di ahile Jerusalema; haele ba bang ba setjhaba, ha laolwa ka lotho hore hara ba leshome e mong a tle a ahe Jerusalema, motseng o halalelang, ba bang ba robileng mono o le mong ba ahe metseng.
Hobane morena wa Babilona o eme mmileng o moholo maarohanong a ditsela tse pedi, hore a etse bonohe; o shohlomanya metsu, o botsa diterafime, o tadima sebete.
Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.
Hosasa, le tla atamela ka meloko ya lona; leloko leo Jehova a le tshwarang, le tla atamela ka methapo ya lona; mothapo oo Jehova a o tshwarang, o tla atamela ka matlo a wona; mme ntlo eo Jehova a e tshwarang, ho tla atamela banna ba yona ka bonngwe.
Empa kajeno, le lahlile Modimo wa lona, wona o le lwetseng tsietsing tsa lona tsohle le mahlomoleng a lona wohle, la re ho wona: Tjhe, o re beele morena. Ha ho le jwalo, itlhahiseng jwale pela Jehova ka meloko ya lona le ka dikete tsa lona.