Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:32 - Sesotho 1909/1961 (SO)

32 Ya diehang ho halefa o fetisa mohale; ya hlolang pelo ya hae o fetisa ya hapang metse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

32 Ya nang le mamello o molemo ho feta ya dikgoka, ya itshwarang ha a halefile o feta ya hapang motse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:32
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ana Abana le Parpare, dinoka tsa Damaseka, ha di ntle ho feta metsi wohle a Iseraele na? Ana ke ne nke ke ka itlhatswa teng, ka hlweka na? A tloha ka tseo, a tsamaya a le bohale haholo.


Jehova o mohau, o lereko, o dieha ho halefa, o ruile mehauhelo e mengata.


Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.


Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.


Ho kokobetswa le ba banyenyane ho molemo ho ena le ho ja kgapo le baikgohomosi.


Moriri o moputswa, ha o fumanwa tseleng ya ho loka, ke mokgabo wa hlompho.


Lotho e pjatlanngwa kobong; empa se bolelwang ke yona se tsejwa ke Jehova feela.


Maele a motho a mo etsa ya sebete; kganya ya hae ke ho mamella ho sitelwa ke ba bang.


Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo.


Motho ya hlolwang ke ho busa pelo ya hae, ke motse o kenweng ke dira, o se nang lerako.


Qetello ya taba e nngwe e fetisa qalo ya yona. Pelo e telele e molemo ho ena le pelo e ikakasang.


O se ke wa phaka wa halefa pelong ya hao, hobane kgalefo e ye e hanelle sefubeng sa mawatla.


O se ke wa hlolwa ke bobe, o mpe o hlole bobe ka botle.


Le fele le be baetsisi ba Modimo, kaha le le bana ba ratwang;


Tsebang tsena, banabeso ba ratwang: Motho ka mong a ke a be mafolofolo ho utlwa, a diehe ho bua, a diehe le ho halefa;


Ya hlolang, ke tla mo fa ho dula le nna teroneng ya ka, jwalokaha le nna ke hlotse, mme ke dutse le Ntate teroneng ya hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ