3 O rolele ditaba tsa hao tsohle ho Jehova, mme merero ya hao e tla tiya.
3 Bea mesebetsi ya hao atleng tsa Morena, mme merero ya hao e tla phethahala.
Ha o ka rera taba e nngwe, e tla o hlahela, lesedi le kganye tseleng ya hao.
Hola e le nna, nka be ke ikatametsa ho Modimo, ka beela Modimo taba ya ka;
Jarisa Jehova phahlo tsa hao, mme o tla o tshehetsa; a ke ke a dumela hore ya lokileng a nne a sisinngwe.
O mo kenye mererong ya hao yohle, mme o tla o tsamaisa ditseleng tsohle tsa hao.
Yaba o re ho barutuwa ba hae: Ka baka leo, ke re ho lona: Le se ke la belaela ka tsa ho phela ha lona, ka seo le tla se ja, leha e le ka sa mmele, ka seo le tla se apara.
Le se ke la belaella letho; empa nthong tsohle seo le se batlang, le ke le se tsebise Modimo ka thapelo le ka kopo e nang le teboho.
Lahlelang dipelaelo tsohle tsa lona hodima wona; hobane o a le hlokomela.