Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:28 - Sesotho 1909/1961 (SO)

28 Motho ya diteme o jala diphapang, mosebi o hlobohanya metswalle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

28 Motho ya kgopo o duka kgotso, mosebi yena o qabanya metswalle, metswalle ya hlooho ya kgomo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:28
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.


Motho wa lefeela o tjheka lemena la bobe, melomo ya hae e na le kgabo e tjhesang.


Motho ya soro o hoka eo a tsamaisanang le yena, o mo hulela tseleng e sa lokang.


Motswalle wa motho o mo rata kamehla; e ba ngwanabo tlokotsing ya hae.


Ya apesang molato o batla lerato; empa ya phunyang makunutu o fapanya batho ba ratanang.


Melomo ya sethoto e se kenya diphapang, leleme la sona le mema melamu.


Dipolelo tsa mosebi di jwaloka dijo tse hlabosang, mme di kena ka mpeng kahare.


Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.


Hobane ho fehla lebese ho hlahisa sereledi; ho penya dinko ho hlahisa madi; mme ho hotetsa bohale ho hlahisa dikomang.


Pelo ya hae e senyehileng e rera bobe kamehla, e jala diphapang;


ke paki e lehata, e bolelang mashano, le ya jalang diphapang bathong ba mofuta o le mong.


Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.


Hobane ke a tshoha hoba, ekaba mohla ke tlang, ke tla le fumana le se jwalokaha nka le rata, mme le nna le tla fumana ke se jwalokaha le rata, mme mohlomong ke tla fihlela dikgang, le mehono, le diphapang, le dikomang, le ditshebo, le diketselletso, le boikgohomoso, le meferefere.


Davida a re ho Saule: O mamellang mantswe a batho ba reng: Bona, Davida o batla ho o ntsha kotsi?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ