Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:22 - Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Masene ke sediba sa bophelo ho ba a ruileng, empa kotlo ya dithoto ke bowatla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

22 Bohlale ke diba sa bophelo ho ya nang le bona, ho ruta dithoto ke ho itshenyetsa nako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:22
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Molomo wa motho ya lokileng ke sediba sa bophelo; empa lonya le kwahetse molomo wa ya sa lokang.


Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu.


Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.


Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.


Pelo ya motho ya lokileng e nahana karabo; empa molomo wa e mobe o kolla tse mpe.


Ya pelo e hlalefileng o bitswa ya maele, mme molomo wa hae o monate o atisa tsebo.


Pelo ya motho ya bohlale e nepisa molomo wa hae hlalefong, e hlophisa dipuo tsa hae ka thuto.


Dipolelo tsa molomo wa motho di ka kwetsa, mme mohlodi wa bohlale ke noka e phallang.


Molomo wa lehlanya ke tshenyeho ya lona, leleme la lona ke sefi ho moya wa lona.


mme e tla ba bophelo moyeng wa hao, le kgabiso molaleng wa hao.


Ba tloheleng; ke difofu tse tsamaisang difofu; sefofu ha se tsamaisa sefofu se seng, di tla wela sekoting tse pedi.


Kannetenete ke re ho lona: Ya utlwang lentswe la ka, mme a dumela ya nthomileng, o na le bophelo bo sa feleng; ha a ka ke a tla kahlolong, empa o tlohile lefung ho kena bophelong.


Moya ke wona o phedisang: nama ha e thuse letho. Taba tseo ke le bolellang tsona ke moya, e bile ke bophelo.


Yaba Simone Petrose o mo araba, a re: Morena, re ka ya ho mang? ke wena ya nang le mantswe a bophelo bo sa feleng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ