Yaba Hamane o a kena, mme morena a re ho yena: E ka kgona monna eo morena a ratang ho mo hlonepha a etsetsweng? Pelong ya hae Hamane a re: Morena a ka rata ho hlonepha mang, haese nna?
Mme yare ha a se a kgumamile tempeleng ya Nisroke, modimo wa hae, Adrammeleke le Sharetsere, bara ba hae, ba mmolaya ka lerumo, ba ntoo balehela naheng ya Ararate. Yaba Esare-Haddone, mora wa hae, e ba morena tulong tsa hae.
Boikakaso ba hao bo o thetsitse, le boikgantsho ba pelo ya hao, ha o ahile mapetsong a mafika, o dutse phahameng ya marallana! Le hoja o ka haha ntlo ya hao phahameng jwaloka ntsu, ke tla o diha teng, ho bolela Jehova.
Pelo ya hao e ne e ikgohomositse ka botle ba hao, o ne o bodisitse bohlale ba hao ka baka la bokgabane ba hao; ke o dihetse fatshe ke hona, ke o beile pela marena ho hoboswa.