Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 16:17 - Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Mmila wa ba lokileng ke ho nena bobe, ya elang metsamao ya hae hloko o boloka moya wa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

17 Tsela ya ba lokileng e kgeloha bobe, ya e hlokomelang o baballa bophelo ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 16:17
16 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Monna o ne a le teng naheng ya Utse; lebitso la hae e le Jobo; e ne e le motho ya tsamayang ka ho loka le ka bokgabane, ya tshabang Modimo, ya sesefang bobe.


Ya tsamayang ka ho loka o tsamaya ka kgotso; empa ya kgopamisang metsamao ya hae o a tsebahala.


Ya bolokang molao o boloka moya wa hae, empa ya sa hlokomeleng tsela ya hae o tla timela.


Ya ipolokang molomo le leleme o tshabisa moya wa hae mahlomola.


Meutlwa le difi di ka tseleng ya motho ya kgopo; ya itisang moya o tla di sesefa.


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Mmila o tla ba teng le tsela e bitswang tsela ya kgalalelo; ha ho motho ya ditshila ya tlang ho feta teng, e tla ba ya ba lokileng feela; ya tsamayang tseleng eo leha e le sethoto, a ke ke a lahleha.


Empa ya tiisetsang ho fihlela qetellong, ke yena ya tla bolokeha.


Empa hara ditjhaba tsohle, ya o tshabang, le ya etsang ho lokileng, ke yena ya o kgahlisang.


Ke ka baka leo ke tiisang matla kamehla hore ke be le letswalo le sa nnyatseng pela Modimo le pela batho.


Haele rona, ha re batho ba kwenehang ho ya timela; empa re ba tiisang tumelo ho pholosa meya ya rona.


le ipoloke leratong la Modimo, le ntse le lebeletse mohau wa Morena wa rona Jesu Kreste, hore le fuwe bophelo bo sa feleng.


Jwale, ho ya ka tsebang ho le boloka, hore le se ke la wa, le ho le hlahisa pontsheng ya hae e kganyang, le se na letheba, le nyakaletse,


Erekaha o bolokile lentswe la mamello ya ka, le nna ke tla o lwela nakong ya moleko, o tlang ho hlahela lefatshe kaofela, ho leka ba ahileng lefatsheng.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ