7 Melomo ya motho ya hlalefileng e tlatsanya tsebo; empa pelo ya mawatla e tumisa se sa lokang.
7 Molomo wa ya bohlale o jala tsebo, pelo ya ya sethoto yona e mpe.
Melomo ya ka e ntse e pheta dikahlolo tsohle tse tswileng molomong wa hao.
Molomo wa ya lokileng o ntsha mantswe a hlalefileng, leleme la hae le bolela ho loka;
Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Molomo wa ya bohlale o hlahisa tsebo hamonate; empa molomo wa mawatla o kolla bohlanya.
Ka tlung ya motho ya lokileng ho na le matlotlo; empa leruo la e mobe lona ke pelaelo.
Sehlabelo sa e mobe ke manyala ho Jehova; empa o kgahlwa ke thapelo ya motho ya lokileng.
Pelo ya motho ya bohlale e nepisa molomo wa hae hlalefong, e hlophisa dipuo tsa hae ka thuto.
o tle o ipolokele masene, mme molomo wa hao o boloke tsebo.
Pelo ya ya bohlale e letsohong la hae le letona, empa pelo ya lewatla e ho le letshehadi;
Melomo ya hao, molebeletswa wa ka, e rotha dinotshi; dinotshi le lebese di katlasa leleme la hao; monko wa diaparo tsa hao eka monko wa Lebanone.
Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.
Madinyane a marabe, le ka bolela taba tse molemo jwang, le ena le lonya? Hobane molomo o buiswa ke seo pelo e tletseng sona.
A ba a re ho bona: Eyang ka lefatsheng lohle, le bolelle babopuwa bohle Evangeli.
Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.
Mme ditaba tseo o di utwileng ho nna pela dipaki tse ngata, o di bee ho batho ba tshepehang, ba lokelang ho ruta ba bang le bona.
Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.