Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Motho o hlahisetswa thabo ke ho araba ha molomo wa hae; polelo, ha e boletswe ka ho tshwaneleha, e monate hakakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

23 Karabo e nepahetseng e thabisa monga yona, e tlang ka nako ya yona e molemo hakaakang!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:23
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Puo tsa nnete di matla hakakang! Empa dikgalemelo tsa lona di kgalemela eng na?


Ka tsa molomo wa hae motho o tla kgora molemo; mme motho o tla putswa ka seo matsoho a hae a se sebetsang.


Maswabi a fifatsa pelo ya motho; empa puo e molemo e a e thabisa.


Moo ho eletsana ho leng siyo, merero e a qhalana, empa e tiya ke ho rerisana ha ba bangata.


Marena a kgahliswa ke melomo e metle, a rata ba buang ka ho loka.


Puo tse ntle ke lekgeha la dinotshi, di monate moyeng wa motho, di matlafatsa masapo a hae.


Ya arabang ka mantswe a kgabane o aka motho molomong.


Ntho e nngwe le e nngwe e na le sebaka sa yona, mme nako e teng ya tsohle tse etswang tlasa letsatsi:


Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.


Barutuwa ba babedi bao ba mo utlwa a rialo, ba ba ba latela Jesu.


Yare ha Maria a utlwa, a phakisa a tloha, a ya ho yena.


Polelo e dihlong, leha e le nngwe, e se ke ya tswa melomong ya lona; empa ho tswe e ntle, e lokelang kgahiso, e tle e hlahisetse ba e utlwang molemo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ