Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 15:18 - Sesotho 1909/1961 (SO)

18 Motho ya bohale o hotetsa phapang; empa ya diehang ho hlonama o tima dikomang.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

18 Motho ya bohale o baka diqabang, ya nang le mamello yena o a di fedisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 15:18
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba fetola banna ba Juda, ba re: Re na le dikarolo tse leshome ho morena, hape, Davida ke wa rona haholo ho lona; le re nyediseditseng hakalo, ha le sa ka la qala ka ho buisana le rona tabeng ya ho lata morena? Mme puo tsa banna ba Juda tsa eba thata ho feta tsa banna ba Iseraele.


Hloyo e hotetsa dikomang, empa lerato le apesa ditshito tsohle.


Ya diehang ho halefa o na le kelello e kgolo; empa ya pelo e befang kapele o hlahatsa bothoto.


Karabo e bonolo e thethefatsa bohale empa polelo e hlabang ea bo leotsa.


Tsela ya sekgoba ke lekgwakgwa la meutlwa; empa tsela ya ba lokileng ke mmila o latsehileng.


Kgalefo ya morena e jwaloka lenqosa la lefu, empa motho ya bohlale o tla e thoba.


Motho ya diteme o jala diphapang, mosebi o hlobohanya metswalle.


O se ke wa tlwaelana le motho ya bohale, o se ke wa tsamaya le ya hlonamang,


Morena o hlolwa ka sebete, mme leleme le bonolo le roba masapo.


Mashala a matsho a etsa mashala a hlenneng, patsi e hotetsa mollo; ho jwalo motho ya dikomang, o tukisa dikgang.


Moya o ikgohomosang o butswela dikgang; empa ya tshepang Jehova o tla kgora.


Motho ya bohale o butswela dikgang; ya phakisang ho halefa, dibe tsa hae di ba ngata.


Ha pelo ya mmusi e ka o halefela, o se ke wa furalla ditulo tsa hao, hobane mosa o ka o phemisa phoso e kgolo.


Ho lehlohonolo ba etsang kgahiso; hobane ba tla rewa bana ba Modimo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ