Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:8 - Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Bohlale ba motho ya masene bo mo bontsha tsela ya hae, empa bosawana ba setseketseke bo a se thetsa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

8 Ya bohlale o tseba ho kgetha tsela ya hae, sethoto se ithetsa ka bothoto ba sona.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:8
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Qalo ya bohlale ke ho tshaba Jehova; bohle ba ineelang hoo ba na le kutlwisiso e lokileng. Kganya ya hae e hlola ka ho sa feleng.


Oho! metsamao ya ka a e ke e tiiswe, ke tle ke boloke dikomelo tsa hao,


JOD. Diatla tsa hao di nkentse, ka bopjwa ke tsona; o mphe kutlwisiso, ke tle ke ithute ditaelo tsa hao.


O nkutlwise lentswe la mohau wa hao e sa le kameso, hobane ke itshepetse wena. O ntshupise tsela eo ke tshwanetseng ho ya ka yona, hobane ke nyolosetsa moya wa ka ho wena.


E mobe o sebetsa mosebetsi o tla mo thetsa; empa ya jalang ho loka o na le moputso o tiileng.


Mehopolo ya ba lokileng e lokile, empa merero ya ba babe ke e thetsang.


Bohlanya ke thabo ho ya se nang kelello; empa motho ya temoho o tsamaya ka ho sasamala.


Jwale, o tla tseba ho loka le tshwanelo le bokgabane le mekgwa yohle e molemo.


Ke tsamaisa motho tseleng ya ho loka le mmileng o tatametseng.


Mme ka bona hobane bohlale bo molemo ho ena le bothoto, jwalokaha lesedi le le molemo ho ena le lefifi.


Ho jwalo: ya bohlale le lewatla ba babedi ba ke ke ba nna ba hopolwa ka ho sa feleng; etswe mehleng e tlang tsohle di tla be di se di lebetswe. Hle! ya bohlale o ntse a eshwa jwaloka lewatla!


Emisa mahlo a hao, o tadime ba tswang nqa leboya. O kae mohlape oo o neng o o neilwe, mohlape wa letlotlo la hao?


Hobane bohlale ba lefatshe lena ke bohlanya pela Modimo; hobane ho ngodilwe, ho thwe: O tshwasa ba bohlale manong a bona.


e leng hore le hlobole, kamoo metsamao ya lona ya pele e neng e le kateng, motho wa kgale, ya bodiswang ke ditakatso tse thetsang;


Ka baka leo, le se ke la etsa ka bowatla, le mpe le tsebisise hantle ho ratwang ke Morena.


Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.


O kae hara lona ya hlalefileng, ya rutehileng? A ke a bonahatse ka motsamao wa hae o motle mesebetsi ya hae ka mosa o tswalwang ke bohlale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ