Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Monyefodi o batla bohlale, empa ha a bo fumane; athe tsebo e fumanwa ka bonolo ke ya masene.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

6 Mosomi o batla bohlale, empa ha a bo fumane, ya nang le kutlwisiso tsebo o e fumana habonolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:6
24 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tutubolle mahlo a ka, ke tle ke bohisise mehlolo e patilweng molaong wa hao.


Ya bohlale a utlwe, mme o tla eketsa tsebo; ya hlalefileng le yena o tla ithuela masene,


Paki e tshepehang e ke ke ya bolela leshano; empa paki e mano e fefetha mashano feela.


Hlobohana le lewatla, ha o le bona; hobane ha le na molomo o nang le tsebo.


Monyefodi ha a rate ya mo kgalemelang; ha a kopane le ba bohlale.


Tsa ho reka letsohong la sethoto di sebetsang na? Na ke ho reka bohlale na? Empa se hloka pelo.


Ya kelello o qamakisisa bohlale pela hae, empa mahlo a lehlanya a tjhalakela pheletsong tsa lefatshe.


Se kgahlisang lehlanya hase ho rua hlalefo, empa e le ho hlahatsa se ka pelong ya lona.


Bohlale bo phahamile, bo feta ya leahlama; a ke ke a ba le molomo kgotla.


Ana o bone motho ya iponang bohlale? Lehlanya le tshepisa ho fetisa eo.


Dipolelo tsohle tsa molomo wa ka di lokile: ho tsona ha ho na letho le sokameng, le kgelohileng.


Tsohle ke tse utlwahalang ho motho ya nang le kelello, di lokile ho ya fumaneng tsebo.


Eyang molaong le bopaking; ekareha ho sa uwe ka lentswe lena, etlaba setjhaba ha se sa tla tjhabelwa ke tsatsi le leng.


Ba bohlale ba ya hlabiswa dihlong, ba thothomele, ba tshwarwe; bonang, ba kgesitse lentswe la Jehova, ba na le bohlale bofe?


Ekare ha motho a lekanya hoba o tseba ntho, ha a eso ho tsebe letho kamoo a tshwanetseng ho tseba kateng.


Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ