Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:35 - Sesotho 1909/1961 (SO)

35 Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

35 Kgosi e kgahlwa ke mohlanka ya bohlale, athe ya hlabisang dihlong yena e a mo halefela.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:35
18 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Faro o re ho bahlanka ba hae: Na re ka hla ra fumana motho ya tshwanang le enwa, eo Moya wa Modimo o leng ho yena?


Yaba morena, kgalefong ya hae, o tloha dijong, a ikela tshimong ya ntlo ya borena; Hamane yena a mpa a ema moo, a tle a rapelle bophelo ba hae ho mofumahadi Esthere hobane o ne a bontshisitse hoba lefu la hae le se le rerilwe ke morena.


Ya bokellang lehlabula ke ngwana ya bohlale; empa ya robalang ha ho kotulwa, ke ngwana ya hlabisang dihlong.


Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.


Marena a kgahliswa ke melomo e metle, a rata ba buang ka ho loka.


Mohlanka ya bohlale o tla busa mora e mobe wa monga hae, a je lefa hammoho le bara ba monga hae.


Ya tshwenyang ntatae, mme a lelekisa mmae, ke ngwana e mobe, ya hlabisang dihlong.


Morena ya bohlale o hlokola baetsadibe, mme o ba pola ka sepolo.


Morena ya dutseng tulo ya kahlolo o fedisa bobe bohle ka mahlo a hae.


Ya ratang ho hlweka ha pelo, le ya nang le molomo o motle, ke baratuwa ba morena.


ha o tlosa molotsana pela morena, terone ya hae e tla tiiswa ke ho loka.


Ha morena a ka mamela mashano, bahlanka ba hae bohle ba tla ba babe.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


Morena wa hae a re ho yena: Ke hantle, mohlanka ya molemo, ya kgabane; o bile kgabane dinthong di se kae, jwale ke tla o bea hodima tse ngata; kena thabong ya morena wa hao.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ