34 Ho loka ho hodisa setjhaba; empa bokgopo bo se apesa ka nyediso.
34 Ho loka ho atlehisa setjhaba, empa sebe ke sekgobo ho sona.
Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.
Lehwatata le behang a le fetola mobu wa letswai, ka baka la bolotsana ba baahi ba lona.
Bohlale bo ikahetse ka pelong ya motho ya masene; empa bohare ba mawatla bo a itshenola.
Mohlanka ya hlalefileng o kgahleha ho morena, empa eo o halefela ya hlabisang dihlong.
Ke ka ho loka morena a tiisang mmuso; empa ya amohelang dimpho o a o diha.
Enereha ho bua Efraime, letsoso le ne le le teng; o ne a iphahamisitse Iseraeleng, empa a ipea molato ka Baale, a ba a timela.