Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




Diproverbia 14:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Pelo e tshweu e phedisa mmele wa motho; empa mona o bodisa masapo a hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

BIBELE

30 Pelo e nang le kgotso e phedisa motho hantle, empa mona o bodisa masapo a motho.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




Diproverbia 14:30
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

A re ho yena: Ke kahobane ke buile le Nabothe wa Jisreele, ka re ho yena: Nnee tshimo ya hao ya merara, ke e reke ka tjhelete, kapa ha o rata, ke tla o nea tshimo e nngwe ya merara bakeng sa yona; o mpa a itse ho nna: Nke ke ka o nea tshimo ya ka ya merara.


Athe bohale bo bolaya lehlanya, mme lewatla le bolawa ke mona.


E mobe o tla bona hoo, a hlokofale ke hona; o tla tsikitlanya meno, a omelle. Ditakatso tsa ba babe di tla etswa lefeela.


Pelo yohle ya ka a e ke e ineele dikomelo tsa hao, hore ke se ke ka hlabiswa dihlong.


Mosadi ya kgabane ke moqhaka ho monna wa hae; empa ya hlabisang dihlong o jwaloka ho bola masapong a hae.


Pelo e thabileng e edisa sefahleho; empa moya o kgathala ke bohloko ba pelo.


Pelo e thabileng ke sehlare se matlafatsang; athe moya o hlomohileng o omeletsa masapo.


E tla ba sehlare mesifeng ya hao, le moko masapong a hao.


Boloka pelo ya hao ka ho fetisisa, hobane ke yona mehlodi ya bophelo.


Ke utlwile, mme mmele wa ka o a nyaroha; lentsweng leo, melomo ya ka e a otlana, ho bola ha kena masapong a ka, ke ntse ke thothomela, ha ke tshwanetse ho lebella, ke kgutsitse, letsatsi leo la tlokotsi leo setjhaba se tlang ho futuhelwa ke ya tla tla se lwantsha.


Bapatriareka ba honohela Josefa, ba reka ka yena, a iswa Egepeta; empa Modimo wa nna wa eba le yena,


Ba tletse bokgopo bohle, le bootswa, le lonya, le takatso ya moruo, le bolotsana, ba tletse mohono, le polao, le kgang, le thetso, le manganga.


Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.


Na le lekanya hoba Lengolo le bolela lefeela na? Moya o ikahetseng ho rona na o re isa mohonong na?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ