27 Ho tshaba Jehova ke sediba sa bophelo, ho qobisa batho mamena a lefu.
27 Ho tshaba Morena ke sediba sa bophelo, ya mo tshabang o phema maraba a lefu.
Marapo a lebitla a ne a ntikile, ke ne ke tshwasitswe mameneng a lefu.
Ho tshaba Jehova ho atisa ditshiu, empa dilemo tsa moetsadibe di tla kgutsufatswa.
Thuto ya motho ya bohlale ke sediba sa bophelo ho phephisa batho mamena a lefu.
Ya tshabang Jehova o na le kgotso ya sebelebele, mme bana ba hae ba tla ba le setshabelo.
Kganya ya morena ke bongata ba batho; empa ho hlokahala ha bona ke tshenyeho ho ngwana morena.
Ho tshaba Jehova ho isa bophelong; ya mo tshabang o tla kgora, a robale, a sa hlahelwe ke kotsi.
Meutlwa le difi di ka tseleng ya motho ya kgopo; ya itisang moya o tla di sesefa.
Mme ka fihlela hoba mosadi eo pelo ya hae e kang matlowa le difi, eo matsoho a hae e leng ditlamo, o baba ho fetisa lefu. Ya molemo pela Modimo o tla mo phonyohela, empa moetsadibe o tla tshwaswa ke yena.
Kahoo, matsatsi a hao a tla tiya, monono o be teng wa poloko le bohlale le tsebo; ho tshaba Jehova e tla ba leruo la Juda.
A ba a re ho nna: Ho phethehile! Ke nna alfa le omega, qalo le qetello. Ya nyorilweng ke tla mo nosa feela metsi a sediba sa bophelo.